PONELOPELE YA DIKAMANO MESEBETSING
YA TEMO
Re le ditho tse amehang tsa setjhaba tse phelang ka temo, re itlama ho hlokomela hore ho be le basebetsi ba hlwahlwa ba lefapha la temo ba sebetsang sebakeng se bolokehileng malebana le maemo a lokileng a mesebetsi e le ho etsa bonnete ba hore lefapha la temo le ba le katleho e babatsehang.
E le hore re tle re kgone ho phetha morero ona, re hlahisitse dintlha tsena tse latelang:
Selelekela
Re hlokomela hore:
... Ho na le mekga e mengata ya dikamano mapolasing esita le kamohelo ya basebetsi mesebetsing e fapaneng, basebetsi ba nako tsohle, basebetsi ba dinako tse fapaneng tsa selemo tse fapaneng, ditlhophisetso tsa boemedi ba mesebetsing e fapaneng esita le dikontraka tsa nako tse badilweng e leng tse tsepameng.
... Tlhahiso ya melawana e metjha ya mosebetsi e ekeletsa boramesebetsi le basebeletsi ba bona ditokelo le boikarabelo. Ho na le diketsahalo tse ding tseo ho tsona boramesebetsi le basebetsi ba bonahetseng ba ikgakanya melawana ena , mme ka hona ba qhekanyetswe ke batho ba itlhalosang ba ba thusa.
... Batho bohle ba dulang polasing, e ka ba boramesebetsi le basebetsi, ba ka futuhelwa ke dinokwane. Ntshetsopele ya dikamano tsa basebetsi le tumello ya ho kena mapolasing e lokela ho sebediswa ho hlokomela taba ena.
Ditokelo tsa botho
Ho lokela hore ho hlomphuwe ditokelo tsa botho jwalo ka ha di phatlaladitswe Biling ya Ditokelo tsa Botho ho ikamahanya le Molao wa Motheo1.
E akaretsa dintlha tsena tse latelang:
Motho e mong le e mong o na le ditokelo tse tshwanang le tsa e mong tsa molao;
Motho e mong le e mong o na le tlhompho ya tlhaho esita le tokelo ya hore tlhompho eo ya hae e hlomphehe , mme e baballwe;
Motho e mong le e mong o o na le tokelo ya bolokolohi le boipaballo
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba sephiring;
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ingodisa dikopanong
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tshwarwa le ho sebediswa hantle mosebetsing.
Beng ba mesebetsi bohle ba lokela ho hlokomela ditokelo tsena tse latelang malebana le dikamano mesebetsing ho latela Mokgatlo wa Matjhaba wa Mesebetsi:
Motho a se qobellwe ho sebetsa.
Ho se sebediswe bana.
Ho be le bolokolohi ba ho ikgethela mokgatlo esita le ho dumellwa tokelo ya ho bokella batho le ho tshwara dipuisano tsa boipelaetso ka sehlopha.
Ho se be le kgethollo ho ya ka ho thola mosebetsi le mofuta wa mesebetsi.
Ditokelo tsa boramapolasi di lokela ho hlokomelwa, mme di se ke tsa nyediswa ke mang kapa mang ya amanang le mesebetsi ya temo. Taba ena ha e qhelele ka thoko basebeletsi ba mmuso, ditho tsa mekgatlo ya basebetsi, le baeti ba basebetsi ba mapolasi hore ba fumane tumello ya ho sebedisa thepa ya polasi ho ntse ho sa lebalwe mathata a botlokotsebe a ka hlahang.
Ponelopele ena e ntjha e lokela ho sebediswa ka:
Ho etsa hore basebetsi ba polasi ba be le mekgatlo ya bona e fapaneng, ho ba le dipuisano boemong ba lehae, lebatowa kapa naha kapa tsona dihlotshwana e le ho buisana ka dintlha tse amang paballo le polokeho mona mapolasing. Dipuisanong tsena ho lokela hore ho hlokomelwe le ho etsa bonnete ba hore masole a setjhaba le a poraevete a sebedisana hantle le beng ba mosebetsi esita le basebetsi ba mapolasi. Ho lokela ho hlokomelwa ntlha ya tekano ya basebetsi esita le ho nka mehato e tshwanelehang ho fedisa boitshwaro bo bobe ba masole ana.
Ho leka hore ho hlokomelwe hore ho be le tatelano e itseng pakeng tsa batho ba nang le seabo malebana le tumello ya ho kena mapolasing.
Ho matlafatsa Lefapha la Bohlahlobi la Mesebetsi esita le baemedi e leng ba sebeletsang hore ho be le ditokelo tsa basebetsi ba mapolasi.
Maemo a bohlokwa/motheo mosebetsing
Basebetsi bohle ba Afrika Borwa kapa ba dinaha tse mose ho mawatle, ba lokela ho amohelwa mosebetsing ho latela melao ya bohlokwa ya kamohelo ya basebetsi mosebetsing, , mme ho hlokomelwe:
Dihora tsa tshebetso le tlhophiso ya nako ya mosebetsi
Lifi ho kenyeletswa lifi e tlang hanngwe ka selemo, lifi ya ho kula esita le lifi bakeng sa ho beleha.
Ditokelo tse malebana le ho tlohela mosebetsi ho kenyeletswa tsebiso esita le tefo ya tshebetso
Tlhahiso ya ditokomane tse itseng tsa bohlokwa tse malebana le tshebetso tse jwalo ka ditlankane tsa meputso le mangolo a nako e sebeditsweng
Dilemo tseo bonyane di sebeditsweng mosebetsing o itseng.
Beng ba mosebetsi bohle mapolasing ba lokela ho ikobela le ho ikamahanya le Molao ona wa Maemo a Motheo/Bohlokwa Msebetsing.
Basebetsi bohle ba mapolasing ba lokela ho leshwa moputso o kgotsofatsang.
Bana ba dilemo tse ka tlase ho leshome le metso e mehlano ha ba tshwanela ho sebediswa mapolasing. Bana ba pakeng tsa dilemo tse leshome le metso e mehlano le dilemo tse leshome le metso e robedi ba lokela ho sebediswa feela mesebetsi e seng kotsi, e sa sitiseng menyetla ya bona ya thuto, mesebetsi e ke keng ya ba lematsa , mmeleng, moyeng, boitshwarong kapa tswelopeleng ya bona setjhabeng.
Dintlha tsa kamohelo ya basebetsi ba dihla tse itseng, basebetsi ba sebetsang ka kontraka e tsepameng esita le mekgwa e meng ya kamohelo mosebetsing di lokela ho hlahlojwa nako le nako , mme ba lokela ho fumantshwa menyetla e tshwanang le ya basebetsi ba nako tsohle.
Basebetsi ha ba lokela ho tlatlapuwa esita le ho lebellwa hore ba saene dikontraka tse ba etsang ?beng ba ikemetseng ba dikontraka? empa e le hore bonnete ke basebetsi feela.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Ho lemosa le ho ruta beng ba mosebetsi le basebetsi ka ditokelo tsa bona le tseo ba lokelang ho di etsa. Hona ho lokela ho kenyeletsa pepeso ya kotsi e ka hlahelang beng ba mosebetsi le basebetsi ka ho fetola basebetsi ?boradikontraka ba ikemetseng?.
Ho ba le seabo ha beng ba mosebetsi le basebetsi tshebetsong ya ho totobatsa boikemisetso ba bona.
Tshebediso ya boikemisetso , mme ho ntse ho hlokometswe maemo a temo a kenyeletsang diphetoho le dintlafatso moo ho hlokehang.
Ho matlafatsa bohlahlobi , mme ho hlile ho hodiswa dikamano tse ntle le tshebedisano pakeng tsa bohlahlobi le ba nang le seabo mapolasing.
Ho nkuwe dikgato tse thata kgahlano le ba sa ikamahanyeng le Molao wa Maemo a Motheo/Bohlokwa Mosebetsing, haholoholo dintlha tse hlalositsweng malebana le ho sebediswa ha bana.
Ho lemosa setjhaba esita le batswadi mabapi le kotsi ya ho kenya bana mosebetsing.
Tshebediso ya melawana e laolang tshebediso ya bana ba pakeng tsa dilemo tse leshome le metso e mehlano le ba dilemong tse leshome le metso e robedi e le ho etsa bonnete ba hore ha ba sebetse mosebetsi o ka bang kotsi ho bona le ho nyopisa tswelopele ya bona.
Dikamano tsa basebetsi
Diqabang kapa dikgohlano tsa basebetsi mapolasing di lokela ho fokotswa ka ho hlokomela hore bohle ba amehang ba laola maemo ana hantle. Basebetsi le beng ba mosebetsi ba lokela ho etsa bonnete ba hore tseo ba di etsang ke tse molaong le tse amohelehang.
Mapolasing ohle ho lokela hore ho be le tsela e nepahetseng ya ho laola diqabang esita le ho ahlola dinyewe.
Beng ba mosebetsi le basebetsi ba na le bolokolohi ba ho amana le mekgatlo e itseng. Hona ho bolela hore ho ingodisa mekgatlong ya kgwebo kapa mekgatlong eo beng ba mesebetsi ba ikgethetseng yona.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Thuto le thupelo ya beng ba mesebetsi mapolasing esita le basebetsi ba mapolasi;
Ho ngolwa le ho ntshetsa pele ha mekgwa e nepahetseng ya ho ahlola dinyewe le hona ho laola dikgohlano;
Ho fumana ditsela tsa ho fedisa tlatlapo ya beng ba mosebetsi esita le basebetsi ke batho ba soto ba ipitsang baemedi ba lefapha la basebetsi ka ho ikamahanya le Molao wa Boitshwaro;
Ho fumana mekgwa eo ka yona Mokgatlo wa Bonamoledi o ka thusang ho fedisa dikgohlano tse teng lefapheng la temo.
Ntshetsopele ya boitsebelo ba ho etsa dintho tse itseng
Boitsebelo ba basebetsi ba mapolasi bo lokela ho ntshetswa pele e le ho atlehisa tlhahiso le ho ba boemong ba ho ka amohelwa mosebetsing.
Basebetsi ba mapolasi ba lokela ho rupellwa esita le hona ho tshehetsa batho ba kwetlisang basebetsi.
Ho lokela ho nkuwe mehato e bonahalang bakeng sa mathata a bileng teng ka dinako tse fetileng e leng mathata a bakileng hore basebetsi ba mapolasi ba dule ba ntse ba sa fumana monyetla wa thuto. Hona ho kenyeletsa dithuto tsa batho ba baholo tsa ABET esita le ho etsa bonnete ba hore Lefapha la Thuto le a thusa ka lenaneo lena la thuto la thuto ya batho ba baholo la ABET.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Mosebetsi ona o lokela ho etellwa pele ke Bolaodi bo botjha ba Lefapha la Thuto le Thupelo bakeng sa merero ya Temo , mme o be o tshetswe ke beng ba mosebetsi le basebetsi ba mapolasi. Moralo ona wa lefapha o lokela ho ntshetswa pele le ho sebediswa.
Moo ho nang le dikolo tsa mapolasi, beng ba mapolasi ba lokela ho kgothaletswa ho sebetsa hammoho le Lefapha la Thuto e le ho etsa bonnete ba hore bana bohle ba mapolasi ba fumana thuto.
Maemo a boipaballo le bophelo bo botle
Maemo a tshebetso mapolasing a lokela ho kgotsofatsa , mme e be a bolokehileng le a hlokomelang hore ho be le bophelo bo botle. Maemo ana a kenyeletsa boipaballo kgahlano le mafu a tshwaetsang a ka fumanwang hona mosebetsing esita le dikotsi.
Beng ba mapolasi ba lokela ho hlahlobisa hantle hore ha ho na maemo a ka bakang dikotsi mapolasing a bona esita le ho loha maqheka a ho fokotsa mathata a jwalo esita le hona ho fumana mokgwa wa thibelo ya dikotsi tse jwalo.
Basebetsi ba lokela ho ba le hona ho sebedisa thuso ya pele esita le ho alashwa ka ho fuwa meriana.
Basebetsi ba lokela ho fuwa tokelo ya ho fumantshwa dihlapiso haeba ba tswile dikotsi mosebetsing kapa ba tshwaeditswe mosebetsing. Bakeng sa ho ntshetsa pele morero ona, basebetsi ba mapolasi ba lokela ho ingodisa Letloleng le fanang ka Dihlapiso , mme ba be ba lefelle thuso tseo ba di etseditsweng.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Ho hlokomela hore beng ba mosebetsi ba abela basebetsi diaparo tse tshwanelang mosebetsi oo ba o etsang esita le disebediswa esita le hona ho ba le thuso ya pele.
Ho hlokomela hore ho be le taolo ya tjhefu ya dikokwanyana esita le tsela e bolokehileng ya ho sebedisa metjhini ya ho lema esita le disebediswa tse ding.
Ho hlahlojwa botjha ha melawana ena e ntseng e sebediswa e le ho etsa bonnete ba hore e nepahetse , mme e tshwanela batho ba mapolasi.
Ho be le letsholo la ntshetsopele ya phadimehiso le thuto mabapi le kamoo ho ka hlokomelwang bophelo bo botle le bona boipaballo metseng ya mapolasi ka teng.
Ho ntshetsa pele mekgwa ya ho ntlafatsa menyetla ya basebetsi ba mapolasi esita le boramapolasi ya ho fumantshwa thuso Letloleng la Dihlapiso haeba ho na le kotsi e hlahileng mosebetsing kapa yona tshwaetso e bileng teng mosebetsing.
Paballo ya setjhaba le menyetla
Basebetsi ba na le tokelo ya ho fumana menyetla ya inshorense haeba ba tswile mosebetsing. Bakeng sa ho kgona ho phetha sena beng ba mapolasi ba lokela ho ingodisa Letloleng la Inshorense bakeng sa batho ba sa sebetseng mmba be ba lefe diabo tsa bona le tsa basebeletsi ba bona.
Boramapolasi ba lokela ho leka ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba mapolasi ba na le menyetla ya tshebeletso ya dipenshene, mekgatlo ya phumantsho ya meriana esita le menyetla ya ho patwa ha bafu.
Boramapolasi bao basebetsi ba bona ba dulang hona polasing moo ba lokela ho hlokomela hore matlo a basebeletsi ba bona esita le tsamaiso ya metsi di maemong a kgotsofatsang.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Ho fumana ditsela tseo ka tsona boramapolasi ba ka thusang basebetsi ba mapolasi ka tsona ho ntshetsa pele maemo a bona setjhabeng esita le ho tataisa boramapolasi malebana le taba ena.
Ho sebedisana le Lefapha la Meaho esita le baemedi ba mmuso e le ho abela basebetsi ba mapolasi matlo esita le tsamaiso ya metsi e maemong a lokileng.
Tlhahiso e ka ntshetswa pele ke dintlha tse ngata tseo hara tsona re ka qollang boitsebelo bo phahameng, kgotsofalo mosebetsing, tshebediso e nepahetseng ya thekenoloji, jwalojwalo , mme hona ke boikarabelo ba rapolasi le mosebeletsi wa hae.
Beng ba mapolasi le basebeletsi ba bona ba lokela ho hlwaya dintlha tse ka bakang tswelopele ya tlhahiso sebakeng seo ho sebetswang ho sona.
E le ho ntshetsa pele taba ena, beng ba mapolasi le basebeletsi ba bona ba lokela ho itllama ho ntshetsa pele tlhahiso, esita le boitshwaro bo botle mosebetsing, jwalojwalo.
Ho hlahlojwa ha basebetsi bakeng sa ho tseba hore na ba na le lefu la AIDS kapa tjhe ke ntho e sa dumellwang ho latela Molao wa Tekano ya Basebetsi.
Beng ba mesebetsi ba lokela ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba dulang polasing ba fumantshwa thuto le phadimehiso esita le fadimehisa batho ka tshebediso ya dikhondomo le hona ho kgothatsa ba kulang.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Ho thusa beng ba mosebetsi ho fadimehisa basebeletsi ba bona ka mananeo a boipaballo.
Ho tsepamisa nako eo ka yona ho ka fanwang ka mananeo a boipaballo moo banna le basadi ba lokelang ho ka kenela mananeo ana. Ketsahalo ena e ka nna ya ba nakong ya dihora tsa tshebetso.
Ho fokotswa ha basebetsi mosebetsing
Ka nako eo ka yona basebeletsi ba fokotswang mosebetsing, ho lokela ho latelwa dintlha tse totobaditsweng Karolong ya 189 ya Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, , mme haeba ho hlokeha, ho latelwe hape Moralo wa Setjhaba.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Dintlha tsa tataiso tsa Moralo ona wa Setjhaba di lokiseditswe maemo a lebaneng le batho ba phelang mapolasing;
Beng ba mapolasi ba a tseba ka dintlha tsena;
Dintlha tsena di hlophisitswe hantle , mme tsa sebediswa, , mme
Beng ba mapolasi ba thuswe haeba ho hlokeha jwalo.
Basebetsi ba tswang dinaheng tse ding
Basebetsi ba naha ya rona ya Afrika Borwa le basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba lokela ho tshwarwa ka tsela e tshwanang.
Basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba lokela ho ngodiswa hantle ka tshwanelo e le ho ikamahanya le dintlha tsa molao wa batho ba fallelang naheng ya rona.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya:
Ho sebetsa hammoho le Lefapha la Ditaba tsa Lehae esita le Lefapha la Mesebetsi e le ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba amohelwa feela ha ho se na batho ba ka phethang mosebetsi oo e le ba naha ya rona.
Ditshenyehelo tsa tshebetso
Ditsheneyehelo tsa tshebetso di lokela ho fokotswa e le ho ntshetsa pele tshebetso ya boramapolasi. Boramapolasi ba banyenyane ba angwa ke ditshenyehelo tse phahameng tsa tshebetso.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya ho fa bangga ba mesebetsi menyetla e mengata ya kgetho bakeng sa nako eo ka yona ho ka leshwang dinyehelo.
